1. Ngaka ya lefu la dibe, Ke tlile setlhareng; Khale ke tshwenyeha hobe Ke pabo e ntshwereng. 2. Lemoha tsietsie e ho 'na Le kamoo ke jewang; Lefu lena, ha o bona, Ke tla le hlola jwang? 3. Ha le ntje setho se le seng, Le nqetile 'mele, Le ntshimolotse boseeng U nkoke, ke phele. 4. Le nkentse bohole mahlong, Molomong, ditsebeng; Le ntlatsa tshoho le dihlong, Le nkisa diheleng. 5. Ngaka ya lefu la dibe, Na o ka re ke shwe? Khale ke tshwenyeha hobe; Lefu leo a le tswe!